info@buecher-doppler.ch
056 222 53 47
Warenkorb
Ihr Warenkorb ist leer.
Gesamt
0,00 CHF

Mejametalana

Angebote / Angebote:

Bukana ea MEJAMETALANA e fana, ka totobalo, botlalo ba liketsahalo tse etelletseng motheo oa MASERU, ho ba motse-moholo oa LESOTHO la kajeno. E thoholisa likamano tsa baahi ba motse, mehleng ea puso ea balichaba. Ka hona e leka ho hlabolla sesosa sa lipherekano tse tetebelitseng sechaba sa BASOTHO, se neng se hlonepheha har'a meloko ea Afrika-Boroa. Bukana e ngotsoe ka SESOTHO, se senang motsoako, ke moahi oa khale oa Thibella, ea tsebileng Maseru joaloka seatla sa letsoho. O hahlautse linaheng tse ngata tsa Afrika, tsa Europa le tsa Amerika, moo a ithutileng maphelo a mehlobo emeng. Bukana ena e lokela barutoana ba likolo le babali ba thabelang puo ea Sesotho. Ba ratang ho utloisisa mojaro o imetseng Lesotho ho itokolla bofumeng, ba tla thonaka mabaka a entseng Lesotho khamelo e lutlang, leha matla a Basotho a thusitse ho nontsá naha ea Afrika-Boroa.
Folgt in ca. 5 Arbeitstagen

Preis

28,90 CHF

Artikel, die Sie kürzlich angesehen haben